Numere
Khaolo 16:1-7
BIBELE e Halalelang
1Yaba Kore, mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, le bara ba bararo ba Rubene, Dathane, le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora Pelethe,
2ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.
3Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?
4Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho.
5Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.
6Etsang hona: Inkeleng dipitsa tsa dibano, lona boKore le ba letshwele la hae kaofela;
7le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi.