Numere
Khaolo 16:20-26
BIBELE e Halalelang
20Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:
21Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.
22Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?
23Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:
24Bua le phutheho, o re: Suthang ka nqa tsohle pela meaho ya Kore, le ya Dathane, le ya Abirame.
25Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.
26A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.