Numere
Khaolo 16:26-32
BIBELE e Halalelang
26A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.
27Yaba ba tloha pela tente tsa Kore, le Dathane, le Abirame, ka nqa tsohle. Dathane le Abirame ba tswa, ba ema pela menyako ya ditente tsa bona, ba ena le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona ba banyenyane.
28Yaba Moshe o re: Ka hona le tla tseba hoba Jehova o nthomile ho etsa mesebetsi ena yohle, le hoba ha ke etse ke iqalla.
29Ekare ha batho bao ba eshwa ke lefu la batho bohle, kapa se hlahelang bohle se ba hlahela, etlaba Jehova ha a nthoma;
30empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.
31Yare hobane a qete ho bolela mantswe ao kaofela, lefatshe le neng le le katlasa bona la phatloha.
32Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa, bona, le matlo a bona, le batho kaofela bao e leng ba Kore, le dintho tsa bona kaofela.