Numere
Khaolo 18:25-31
BIBELE e Halalelang
25Jehova a bua le Moshe, a re:
26O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;
27mme kabelo eo ya lona e tla ballwa lona jwaloka koro e nkwang seotlong, le jwaloka veine e ntjha e nkwang sehatelong.
28Ka mokgwa o jwalo, le lona le tla abela Jehova kabelo boshomeng ba ntho tsohle tseo le tla di nka ho bana ba Iseraele, mme le tla nea moprista Aarone kabelo eo, eo le e abetseng Jehova.
29Dineong tsohle tseo le tla di newa, le tla nkela Jehova dikabelo. Ho tse fetisang ka molemo, le tla kgetha kabelo e kgethehileng.
30O ba bolelle, o re: Etlare hobane le kgethe se molemo, boshome bo tla ballwa Balevi, jwaloka katleho ya seotlo, le jwaloka katleho ya sehatelo.
31Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.