Numere
Khaolo 20:13-19
BIBELE e Halalelang
13Ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba hanyeditseng Jehova; ke hona moo a ikgalaleditseng ka ho bona.
14Moshe ha a le Kadeshe, a romela manqosa ho morena wa Edomo, a re ho yena: Ho itswe ke ngwaneno Iseraele: O tseba mahlomola wohle ao re bileng le wona.
15Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.
16Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.
17O re dumelle ho feta ka naha ya hao; re ke ke ra tsamaya hara masimo, leha e le hara merara, mme re ke ke ra nwa metsi a didiba tse tjhekilweng; re tla ya ka mmila o phatlaletseng, re sa kgelohele ho le letona, kapa ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.
18Edomo a re: O ke ke wa ba wa feta ha ka; ha o ka leka, ke tla tswa, ke o kgahlanyetse ka lerumo.
19Bana ba Iseraele ba re ho yena: Re tla nyoloha ka mmila o phatlaletseng; ha nna le mehlape ya ka re ka nwa metsi a hao, ke tla a lefa; ha ho ho hong, haese hore ke fete ka maoto a ka.