Numere
Khaolo 20:20-26
BIBELE e Halalelang
20A fetola, a re: O ke ke wa ba wa feta. Jwale Edomo a tswa ho mo kgahlanyetsa ka batho ba bangata le ka letsoho le matla.
21Edomo a hana jwalo ho dumella bana ba Iseraele ho feta naheng ya hae. Yaba Iseraele o a kgeloha.
22Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha Kadeshe, ya tla thabeng ya Hore.
23Mme moo, thabeng ya Hore, moeding wa naha ya Edomo, Jehova a re ho Moshe le Aarone:
24Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.
25Nka Aarone le mora hae Eleasare, mme o ba nyolosetse thabeng ya Hore.
26O tla hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, o di apese Eleasare, mora hae.