Numere
Khaolo 21:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ba tloha moo, ba emisa sekgutlong sa Serede.
13Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.
14Ke ka baka leo ho itsweng Bukeng ya Dintwa tsa Jehova:
15Vahebe wa Sufa, le dinokana tsa Arnone, le ho phalla ha dinokana ho lebileng nqa Are, ho isa moeding wa Moabe.
16Ba tloha moo, ba ya Beere. Ke ka sediba seo Jehova a itseng ho Moshe: Bokella setjhaba, mme ke tla se fa metsi.
17Ke moo Iseraele a kileng a bina sefela sena:
18Nyoloha, sediba! Se bineleng ka ho arabelana, le roke sediba se tjhekilweng ke marena, se tjhekilweng ke baholo ba setjhaba ka lere la borena, ka mare a bona!