Numere
Khaolo 21:2-8
BIBELE e Halalelang
2Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.
3Jehova a utlwa lentswe la Baiseraele, a ba neela Bakanana; mme ba neela metse ya bona anathema. Sebaka seo sa rewa lebitso la Horma.
4Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:
5Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.
6Yaba Jehova o romela setjhaba dinoha tse tjhesang; tsa loma batho, mme ha eshwa batho ba bangata Iseraeleng.
7Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.
8Yaba Jehova o re ho Moshe: Etsa noha e tjhesang, o e fanyehe sefateng; e mong le e mong ya lomilweng, ya tlang ho e tadima, o tla phela.