Numere
Khaolo 21:27-33
BIBELE e Halalelang
27Ke ka baka leo baroki ba reng: Tloong Heshbone! Motse wa Sihone o tsoswe, o hahuwe!
28Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.
29Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.
30Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.
31Baiseraele ba ya aha naheng ya Baamore.
32Jwale Moshe a romela ho ya hlwela Jaesere, mme ba kena metse ya teng, ba lelekisa Baamore ba neng ba ahile ho yona.
33Hamorao, ba kgutla, mme ba nyoloha ka tsela ya Bashane. Yaba Oge, morena wa Bashane, o a tswa, a ba kgahlanyetsa ho ba lwantsha Edrei, a ena le batho ba hae kaofela.