Numere
Khaolo 21:7-13
BIBELE e Halalelang
7Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.
8Yaba Jehova o re ho Moshe: Etsa noha e tjhesang, o e fanyehe sefateng; e mong le e mong ya lomilweng, ya tlang ho e tadima, o tla phela.
9Moshe e etsa noha ka koporo, a e fanyeha sefateng; mme e mong le e mong ya lomilweng ke noha, ha a tadima noha ya koporo, o ne a phela.
10Bana ba Iseraele ba tloha, ba ya emisa Obothe;
11ba tloha Obothe, ba ya emisa thakong tsa Abirame, lefeelleng le malebana le Moabe, ka nqa botjhabela.
12Ba tloha moo, ba emisa sekgutlong sa Serede.
13Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.