Numere
Khaolo 22:23-29
BIBELE e Halalelang
23Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.
24Empa lengeloi la Jehova la ema mmileng o pakeng tsa masimo a merara; lerako le ne le le teng ka nqa tse pedi.
25Esele ya bona lengeloi la Jehova, ya ikgohla ka lerako, ya patisa leoto la Balaame ka lerako; mme Balaame a boela a e otla.
26Lengeloi la Jehova la tswela pele, la ema nqalong e patisaneng, moo ho neng ho se sebaka sa ho kgelohela ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.
27Esele ha e bona lengeloi la Jehova, ya botha tlasa Balaame; mme bohale ba Balaame ba tuka, a otla esele ka thupa ya hae.
28Yaba Jehova o ahlamisa molomo wa esele, mme esele ya re ho Balaame: Na ke entseng, haele mona o se o nkotlile hararo na?
29Balaame a re ho esele: Ke kahobane o bapala ka nna; hoja ke ena le lerumo ka letsohong la ka, nka be ke o bolaya hona mona.