Numere
Khaolo 25:10-16
BIBELE e Halalelang
10Jehova a bua le Moshe, a re:
11Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.
12Ka baka leo, o bolele hore ke etsa selekane sa kgotso le yena.
13E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.
14Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.
15Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.
16Jehova a bua le Moshe, a re: