Numere
Khaolo 25:13-18
BIBELE e Halalelang
13E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.
14Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.
15Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.
16Jehova a bua le Moshe, a re:
17O etse Bamidiane dira, o ba bolaye;
18hobane le bona ba le entse jwaloka dira ka ho le qeka ka mano tabeng ya Peore le tabeng ya Kosbi, moradi wa morena e mong wa Midiane, le kgaitsedi ya bona, ya bolailweng ka tsatsi la sewa se kileng sa hlaha ka taba ya Peore.