Numere
Khaolo 25:3-9
BIBELE e Halalelang
3Iseraele a kgomarela Baale-Peore; mme bohale ba Jehova ba tukela Iseraele.
4Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.
5Yaba Moshe o re ho baahlodi ba Iseraele: E mong le e mong wa lona a bolaye batho ba habo ba kgomaretseng Baale-Peore.
6Ka yona nako eo, ha fihla monna e mong wa bana ba Iseraele, ya tlisang mosadi wa Midiane ho banababo, pontsheng ya Moshe le pontsheng ya phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano.
7Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;
8a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.
9Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.