Numere
Khaolo 26:1-6
BIBELE e Halalelang
1Kamora sewa seo, Jehova a bua le Moshe le Eleasare, mora wa moprista Aarone, a re:
2Balang phutheho kaofela ya bana ba Iseraele, ka matlo a bontata bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, e leng bohle ba Iseraele ba ka yang ntweng.
3Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko;
4ba re: Ho balwe ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, mohla Baiseraele ba tswileng naheng ya Egepeta.
5Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;
6Hetsrone le ntlo ya Bahetsrone; Karmi le ntlo ya Bakarmi.