Numere
Khaolo 26:11-17
BIBELE e Halalelang
11Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa.
12Bara ba Simeone ka matlo a bona, ke bana: ka Nemuele ho hlahile ntlo ya Banemuele; ka Jamine ntlo ya Bajamine;
13ka Jakine ntlo ya Bajakine; ka Serake ntlo ya Baserake; ka Saule ntlo ya Basaule.
14Ke wona ao matlo a Basimeone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a mabedi.
15Bara ba Gade, ka matlo a bona, ke bana: ka Tsefone ho hlahile ntlo ya Batsefone; ka Haggi ntlo ya Bahaggi; ka Shuni ntlo ya Bashuni;
16ka Osni ntlo ya Baosni; ka Eri ntlo ya Baeri;
17ka Arode ntlo ya Baarode; ka Areeli ntlo ya Baareeli.