Numere
Khaolo 26:22-28
BIBELE e Halalelang
22Ke wona matlo a Bajuda, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
23Bara ba Issaskare, ka matlo a bona, ke bana: ka Thola ho hlahile ntlo ya Bathola; ka Puna ntlo ya Bapuna; ka Jashube ntlo ya Bajashube;
24ka Shimrone ntlo ya Bashimrone.
25Ke wona matlo a Issaskare, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mararo.
26Bara ba Sabulone, ka matlo a bona, ke bana: ka Serede ho hlahile ntlo ya Baserede; ka Elone ntlo ya Baelone; ka Jahaleele ntlo ya Bajahaleele.
27Ke wona matlo a Basabulone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
28Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.