Numere
Khaolo 26:26-32
BIBELE e Halalelang
26Bara ba Sabulone, ka matlo a bona, ke bana: ka Serede ho hlahile ntlo ya Baserede; ka Elone ntlo ya Baelone; ka Jahaleele ntlo ya Bajahaleele.
27Ke wona matlo a Basabulone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.
28Bara ba Josefa, ka matlo a bona, ke boManasse le Efraime.
29Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.
30Bara ba Gileade ke bana: ka Jesere ho hlahile ntlo ya Bajesere; ka Heleke ntlo ya Baheleke;
31ka Asriele ntlo ya Baasriele; ka Sikeme ntlo ya Basikeme;
32ka Shemida ntlo ya Bashemida; ka Hefere ntlo ya Bahefere.