Numere
Khaolo 26:3-9
BIBELE e Halalelang
3Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko;
4ba re: Ho balwe ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, mohla Baiseraele ba tswileng naheng ya Egepeta.
5Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;
6Hetsrone le ntlo ya Bahetsrone; Karmi le ntlo ya Bakarmi.
7Ke wona ao matlo a Barubene; batho ba bona ba kileng ba balwa, ba etsa dikete tse mashome a mane a metso e meraro tse nang le makgolo a supileng a mashome a mararo.
8Mora wa Pallu ke Eliabe.
9Bara ba Eliabe ke boNemuele, Dathane le Abirame. Ke Dathane eo le Abirame eo, banna ba neng ba memelwa phutheho, ba kileng ba lwantsha Moshe le Aarone sehlopheng sa Kore, mohla ba ikgantshetsang Jehova.