Numere
Khaolo 26:37-43
BIBELE e Halalelang
37Ke wona matlo a bara ba Efraime, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi tse nang le makgolo a mahlano. Ke bona bara ba Josefa, ka matlo a bona.
38Bara ba Benjamine ka matlo a bona ke bana: ka Bela ho hlahile ntlo ya Babela; ka Ashbele ntlo ya Baashbele; ka Akirame ntlo ya Baakirame;
39ka Shufame ntlo ya Bashufame; ka Hufame ntlo ya Bahufame.
40Bara ba Bela ke boArade le Naamane. Ka Arade ho hlahile ntlo ya Baarade; ka Naamane ntlo ya Banaamane.
41Ke bona bara ba Benjamine ka matlo a bona, le ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a tsheletseng.
42Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona.
43Bashukame ka matlo wohle a bona le ka palo ya bona, ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mane.