Numere
Khaolo 26:42-48
BIBELE e Halalelang
42Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona.
43Bashukame ka matlo wohle a bona le ka palo ya bona, ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mane.
44Bara ba Asere ke bana, ka matlo a bona: ka Jimna ho hlahile ba ntlo ya Bajimna; ka Jishvi ntlo ya Bajishvi; ka Beria ntlo ya Baberia.
45Ka bara ba Beria ho hlahile Hebere le ntlo ya Bahebere; Malkiele le ntlo ya Bamalkiele.
46Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.
47Ke wona matlo a bara ba Asere ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro tse nang le makgolo a mane.
48Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele;