Numere
Khaolo 26:44-50
BIBELE e Halalelang
44Bara ba Asere ke bana, ka matlo a bona: ka Jimna ho hlahile ba ntlo ya Bajimna; ka Jishvi ntlo ya Bajishvi; ka Beria ntlo ya Baberia.
45Ka bara ba Beria ho hlahile Hebere le ntlo ya Bahebere; Malkiele le ntlo ya Bamalkiele.
46Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.
47Ke wona matlo a bara ba Asere ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro tse nang le makgolo a mane.
48Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele;
49ka Guni ntlo ya Baguni; ka Jetsere ntlo ya Bajetsere; ka Shilleme ntlo ya Bashilleme.
50Ke wona matlo a Banefthali, ka matlo a bona; ba badilweng ba bona ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a mane.