Numere
Khaolo 26:46-52
BIBELE e Halalelang
46Lebitso la moradi wa Asere e ne e le Sera.
47Ke wona matlo a bara ba Asere ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro tse nang le makgolo a mane.
48Bara ba Nefthali ke bana ka matlo a bona: ka Jahtseele ho hlahile ntlo ya Bajahtseele;
49ka Guni ntlo ya Baguni; ka Jetsere ntlo ya Bajetsere; ka Shilleme ntlo ya Bashilleme.
50Ke wona matlo a Banefthali, ka matlo a bona; ba badilweng ba bona ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a mane.
51Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo.
52Jehova a bua le Moshe, a re: