Numere
Khaolo 26:51-57
BIBELE e Halalelang
51Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo.
52Jehova a bua le Moshe, a re:
53Lefatshe le tla arolelwa bona, ba tle ba le rue, ka palo ya mabitso:
54ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae.
55Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona.
56Ke ka taolo ya lotho lefatshe le tla arolwa ba leng bangata le ba seng bakae.
57Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari.