Numere
Khaolo 26:56-62
BIBELE e Halalelang
56Ke ka taolo ya lotho lefatshe le tla arolwa ba leng bangata le ba seng bakae.
57Ke bana Balevi ba kileng ba balwa ka matlo a bona: ka Gershone ho hlahile ntlo ya Bagershone; ka Kehathe ntlo ya Bakehathe; ka Merari ntlo ya Bamerari.
58Ke ana matlo a Levi: ntlo ya Badibni, ntlo ya Bahebrone, ntlo ya Bamahadi, ntlo ya Bamushi, ntlo ya Bakore. Kehathe a tswala Amrame.
59Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.
60Aarone a tswallwa Nadabe le Abihu, Eleasare le Ithamare.
61Nadabe le Abihu ba eshwa, mohla ba tlisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova.
62Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.