Numere
Khaolo 26:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ke wona ao matlo a Barubene; batho ba bona ba kileng ba balwa, ba etsa dikete tse mashome a mane a metso e meraro tse nang le makgolo a supileng a mashome a mararo.
8Mora wa Pallu ke Eliabe.
9Bara ba Eliabe ke boNemuele, Dathane le Abirame. Ke Dathane eo le Abirame eo, banna ba neng ba memelwa phutheho, ba kileng ba lwantsha Moshe le Aarone sehlopheng sa Kore, mohla ba ikgantshetsang Jehova.
10Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.
11Empa bara ba Kore ha ba ka ba eshwa.
12Bara ba Simeone ka matlo a bona, ke bana: ka Nemuele ho hlahile ntlo ya Banemuele; ka Jamine ntlo ya Bajamine;
13ka Jakine ntlo ya Bajakine; ka Serake ntlo ya Baserake; ka Saule ntlo ya Basaule.