Numere
Khaolo 3:1-7
BIBELE e Halalelang
1Ke bana bana ba Aarone le Moshe, mohla Jehova a buang le Moshe thabeng ya Sinai.
2Mabitso a bara ba Aarone ke ana: Wa letsibolo ke Nadabe; e ntoo ba Abihu, le Eleasare, le Ithamare.
3Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.
4Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.
5Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.
6Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,
7ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.