Numere
Khaolo 3:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.
4Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona.
5Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.
6Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,
7ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.
8Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.
9O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.