Numere
Khaolo 3:41-47
BIBELE e Halalelang
41O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.
42Moshe a fela a ngola matsibolo wohle a bana ba Iseraele, kamoo Jehova a mo laetseng kateng;
43palo ya matsibolo a matona, e leng palo ya mabitso a ba kgwedi e le nngwe le a ba fetang moo, kamoo a kileng a ngolwa kateng, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, tse nang le makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro.
44Jehova a bua le Moshe, a re:
45O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.
46Haele ka topollo ya matsibolo a makgolo a mabedi a mashome a supileng a metso e meraro a bana ba Iseraele a fetileng palo ya Balevi, o nke dishekele tse hlano ka hlooho e nngwe le e nngwe;
47o di nke ka tjhelete ya sehalalelo, e leng ka shekele ya digera tse mashome a mabedi.