Numere
Khaolo 3:5-11
BIBELE e Halalelang
5Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.
6Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,
7ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.
8Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.
9O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.
10O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.
11Jehova a bua le Moshe, a re: