Numere
Khaolo 31:12-18
BIBELE e Halalelang
12mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.
13Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.
14Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.
15A re ho bona: Na le tloheletseng basadi kaofela hore ba phele? Ha ke re, ke bona, ka ho latela keletso ya Balaame, ba kgopisitseng bana ba Iseraele hore ba kwenehele Jehova ka taba ya Baale-Peore,
16sewa sa ba sa wela hodima phutheho ya Jehova?
17Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;
18le mpe le ipolokele barwetsana bohle ba pholohileng ba sa kang ba tseba malao a monna.