Numere
Khaolo 31:13-19
BIBELE e Halalelang
13Moshe, le moprista Eleasare, le baholo bohle ba setjhaba, ba tswela ho ba kgahlanyetsa kantle ho diahelo.
14Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.
15A re ho bona: Na le tloheletseng basadi kaofela hore ba phele? Ha ke re, ke bona, ka ho latela keletso ya Balaame, ba kgopisitseng bana ba Iseraele hore ba kwenehele Jehova ka taba ya Baale-Peore,
16sewa sa ba sa wela hodima phutheho ya Jehova?
17Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;
18le mpe le ipolokele barwetsana bohle ba pholohileng ba sa kang ba tseba malao a monna.
19Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.