Numere
Khaolo 31:2-8
BIBELE e Halalelang
2Pheteletsa bana ba Iseraele ho Bamidiane, o ntoo orohela ho setjhaba sa hao.
3Yaba Moshe o bua le setjhaba, a re: Hlomellang banna ba lona ba ka yang ntweng, ba futuhele Bamidiane, hore ba phethe phetetso ya Jehova hodima Bamidiane.
4Le tla romela ntweng banna ba sekete ka leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya Iseraele.
5Yaba hara diketekete tsa Iseraele ho kgethwa banna ba sekete ka leloko le leng le le leng; ke ho re, ha tswa banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi ba hlometseng.
6Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.
7Ba futuhela Bamidiane ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe, mme ba bolaya ba batona kaofela.
8Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.