Numere
Khaolo 31:20-26
BIBELE e Halalelang
20Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.
21Moprista Eleasare a bolella bahlanka ba neng ba ile ntweng, a re: Se laetsweng ke Jehova ka molao o neilweng Moshe ke sena:
22Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,
23dintho tsohle tse ka hlolang mollo, le tla di kenya mollong, hore di hlwekiswe; leha ho le jwalo, di tla hlatsuwa le ka metsi a hlatsuo. Tsohle tse ka sitwang ho hlola mollo, le tla di tsobunya metsing.
24Le tla hlatswa diaparo tsa lona ka la bosupa, mme etlaba le hlwekile; hamorao, le tla dumellwa ho kena diahelong.
25Jehova a re ho Moshe:
26Bala thepa le tse hapilweng kaofela, batho le makgomo, o di bale le ena le moprista Eleasare le dihlooho tsa matlo a phutheho.