Numere
Khaolo 31:26-32
BIBELE e Halalelang
26Bala thepa le tse hapilweng kaofela, batho le makgomo, o di bale le ena le moprista Eleasare le dihlooho tsa matlo a phutheho.
27O arole kgapo habedi; karolo e nngwe o e nee bahlabani ba neng ba ile ntweng, e nngwe o e nee phutheho yohle.
28Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.
29Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.
30Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.
31Moshe le moprista Eleasare ba etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.
32Haele kgapo, kantle ho dintho tse neng di nkilwe ke ba neng ba ile ntweng, e ne e le dikgutshwane tse dikete tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;