Numere
Khaolo 31:31-37
BIBELE e Halalelang
31Moshe le moprista Eleasare ba etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe.
32Haele kgapo, kantle ho dintho tse neng di nkilwe ke ba neng ba ile ntweng, e ne e le dikgutshwane tse dikete tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;
33le dikgomo tse dikete tse mashome a supileng a metso e mmedi;
34le diesele tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong;
35le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, ke ho re ba batshehadi ba neng ba eso ho tsebe malao a monna.
36Halofo e nngwe ya kgapo, e leng lefohlo la ba neng ba ile ntweng, ya eba dikgutshwane tse dikete tse makgolo a mararo a nang le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano;
37lekgetho la tseo la Jehova ya eba dikgutshwane tse makgolo a tsheletseng a nang le mashome a supileng a metso e mehlano;