Numere
Khaolo 31:42-48
BIBELE e Halalelang
42Haele halofo e nngwe ya kgapo, e leng ya bana ba Iseraele, e arotsweng ke Moshe ho ya bahlabani,
43karolo eo ya phutheho, ya eba dikgutshwane tse dikete tse makgolo a mararo a nang le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano,
44le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng,
45le diesele tse dikete tse mashome a mararo tse nang le makgolo a mahlano;
46le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.
47Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.
48Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena: