Numere
Khaolo 31:46-52
BIBELE e Halalelang
46le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.
47Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.
48Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena:
49Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.
50Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.
51Yaba Moshe le Eleasare ba amohela ho bona mesebetsi eo yohle ya kgauta.
52Boima ba kgauta yohle eo balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo ba e tliseditseng Jehova, ho etsa nyehelo e emiswang, ya eba dishekele tse dikete tse leshome le metso e tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.