Numere
Khaolo 31:48-54
BIBELE e Halalelang
48Balaodi ba makgotla a ntwa, balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo ba atamela Moshe, mme ba re ho yena:
49Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.
50Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.
51Yaba Moshe le Eleasare ba amohela ho bona mesebetsi eo yohle ya kgauta.
52Boima ba kgauta yohle eo balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo ba e tliseditseng Jehova, ho etsa nyehelo e emiswang, ya eba dishekele tse dikete tse leshome le metso e tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mahlano.
53(Hobane bahlabani ba ne ba nkile thepa, e mong le e mong a inketse yona.)
54Moshe le moprista Eleasare ba nka kgauta ya balaodi ba dikete le ya balaodi ba makgolo, mme ba e tlisa tenteng ya pokano, e tle e be kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova.