Numere
Khaolo 31:5-11
BIBELE e Halalelang
5Yaba hara diketekete tsa Iseraele ho kgethwa banna ba sekete ka leloko le leng le le leng; ke ho re, ha tswa banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi ba hlometseng.
6Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.
7Ba futuhela Bamidiane ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe, mme ba bolaya ba batona kaofela.
8Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.
9Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona, mme ba hapa makgomo a bona kaofela, le mehlape ya bona kaofela, le maruo wohle a bona.
10Ba tjhesa metse yohle eo ba neng ba ahile ho yana, le masaka wohle a bona.
11Ba nka thepa kaofela le kgapo yohle, e leng batho le makgomo;