Numere
Khaolo 31:6-12
BIBELE e Halalelang
6Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.
7Ba futuhela Bamidiane ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe, mme ba bolaya ba batona kaofela.
8Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.
9Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona, mme ba hapa makgomo a bona kaofela, le mehlape ya bona kaofela, le maruo wohle a bona.
10Ba tjhesa metse yohle eo ba neng ba ahile ho yana, le masaka wohle a bona.
11Ba nka thepa kaofela le kgapo yohle, e leng batho le makgomo;
12mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.