Numere
Khaolo 32:1-4
BIBELE e Halalelang
1Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.
2Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, le ho moprista Eleasare, le ho marena a phutheho, ba re ho bona:
3Atharothe, Dibone, Jaesere, Nimra, Heshbone, Eleale, Sebame, Nebo, le Beone,
4naha eo Jehova a e otlileng pela phutheho ya Iseraele, ke lefatshe le tshwanelang mehlape, mme bahlanka ba hao ba na le mehlape.