Numere
Khaolo 32:18-24
BIBELE e Halalelang
18Re ke ke ra kgutlela matlung a rona, bana ba Iseraele ba eso ho rue e mong le e mong lefa la hae;
19mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.
20Moshe a re ho bona: Ha le etsa hoo, ha le hlomella ntwa pela Jehova,
21ha bohle ba lona ba hlometseng ba tshela Jordane pela Jehova, ho fihlela ha a tlositse dira tsa hae pela sefahleho sa hae;
22ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.
23Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.
24Hahelang bana ba lona metse, le mehlape ya lona masaka, mme le etse ka tse tswileng melomong ya lona.