Numere
Khaolo 32:21-27
BIBELE e Halalelang
21ha bohle ba lona ba hlometseng ba tshela Jordane pela Jehova, ho fihlela ha a tlositse dira tsa hae pela sefahleho sa hae;
22ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.
23Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.
24Hahelang bana ba lona metse, le mehlape ya lona masaka, mme le etse ka tse tswileng melomong ya lona.
25Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: Bahlanka ba hao ba tla etsa seo monghadi wa rona a se laetseng.
26Ho tla sala metseng ya Gileade bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona;
27mme bahlanka ba hao, bohle, ba hlomeletseng ntwa, ba tla ya lwana pela Jehova, kamoo monghadi wa rona a boletseng kateng.