Numere
Khaolo 32:23-29
BIBELE e Halalelang
23Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.
24Hahelang bana ba lona metse, le mehlape ya lona masaka, mme le etse ka tse tswileng melomong ya lona.
25Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: Bahlanka ba hao ba tla etsa seo monghadi wa rona a se laetseng.
26Ho tla sala metseng ya Gileade bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona;
27mme bahlanka ba hao, bohle, ba hlomeletseng ntwa, ba tla ya lwana pela Jehova, kamoo monghadi wa rona a boletseng kateng.
28Bakeng sa bona, Moshe a laela Eleasare moprista, le Joshua mora Nune, le dihlooho tsa matlo a meloko ya bana ba Iseraele, a re ho bona:
29Ha bara ba Gade le bara ba Rubene ba tshela Jordane le lona, ba hlomeletse ho lwana pela Jehova ho fihlela ha naha e bewa tlasa lona, le tla ba nea naha ya Gileade, ba e rue.