Numere
Khaolo 32:30-36
BIBELE e Halalelang
30Empa ha ba sa ye le lona ba hlometse, ba tla aha hammoho le lona naheng ya Kanana.
31Bara ba Gade le bara ba Rubene ba araba, ba re: Re tla etsa kamoo Jehova a boleletseng bahlanka ba hao kateng.
32Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.
33Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.
34Bara ba Gade ba haha Dibone, le Atharothe, le Aroere,
35le Athrothe-Shofane, le Jaesere, le Jogbeha, le Bethe-Nimra, le Bethe-Harane,
36metse e dikilweng ka marako, mme ba hahela mehlape masaka.