Numere
Khaolo 32:33-39
BIBELE e Halalelang
33Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.
34Bara ba Gade ba haha Dibone, le Atharothe, le Aroere,
35le Athrothe-Shofane, le Jaesere, le Jogbeha, le Bethe-Nimra, le Bethe-Harane,
36metse e dikilweng ka marako, mme ba hahela mehlape masaka.
37Bara ba Rubene ba haha Heshbone, le Eleale, le Kiryathaime; Nebo le Baale-Meone, eo ba e reileng mabitso asele, le Sibma;
38mme ba rea metse eo ba e hahileng mabitso.
39Bara ba Makire, mora Manasse, ba futuhela metse ya Gileade, mme ba e hapa; ba lelekisa Baamore, ba neng ba ahile teng.