Numere
Khaolo 33:2-8
BIBELE e Halalelang
2Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng:
3Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela,
4ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.
5Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba emisa Sukkothe.
6Ba tloha Sukkothe, ba emisa Ethame, pheletsong ya lefeella.
7Ba tloha Ethame, ba kgelohela nqa Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone, mme ba emisa pela Migdole.
8Ba tloha Pi-Hahirothe, ba fetela ka nqa lefeelleng ba tshetse lewatle; ba tsamaya matsatsi a mararo feelleng la Ethame, ba emisa Mara.