Numere
Khaolo 33:32-38
BIBELE e Halalelang
32Ba tloha Bene-Jaakane, mme ba emisa Hore-Hagidgade.
33Ba tloha Hore-Hagidgade, ba emisa Jothbatha.
34Ba tloha Jothbatha, ba emisa Abrona.
35Ba tloha Abrona, ba emisa Etsione-Gebere.
36Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.
37Ba tloha Kadeshe, ba emisa thabeng ya Hore, pheletsong ya lefatshe la Edomo.
38Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.