Numere
Khaolo 33:34-40
BIBELE e Halalelang
34Ba tloha Jothbatha, ba emisa Abrona.
35Ba tloha Abrona, ba emisa Etsione-Gebere.
36Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.
37Ba tloha Kadeshe, ba emisa thabeng ya Hore, pheletsong ya lefatshe la Edomo.
38Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.
39Mohla Aarone a shwang thabeng ya Hore, o ne a ena le dilemo tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mabedi a metso e meraro.
40Morena Arade, Mokanana, ya neng a ahile naheng ya Kanana, ka nqa borwa, a utlwa hore bana ba Iseraele ba ya fihla.